Thursday, September 19, 2024
spot_img
HomeLesotho HistoryMolaoli oa sesole sa Lesotho o’a bolaoa ke masole 

Molaoli oa sesole sa Lesotho o’a bolaoa ke masole 

Ka letsatsi lena 25 Phupjane 2015, eo e neng ekile eaba molaoli oa sesole sa Lesotho, Lieutenant General Maaparankoe Mahao, o ile a bolaoa ke litho tsa sesole sa Lesotho a le habo Mokema. 

Mahao o ne a le masimong ha a tla hlaseloa ke litho tsa sesole sa Lesotho, tsa nto mo bolaea. 

Mahao ea neng a le lilemo li 47 ka nako eo, o ne a kentse nyeoe ka khotla ho hanana le qeto ea ‘Mesa 2015 ea eo e neng e le tonakholo, Pakalitha Mosisili, ea hore taba ea hore Mahao e be e kile eaba molaoli oa sesole, e tjebeloe matjoing. 

Mahao o ne a ile a hlomamisoa e le eena molaoli oa sesole sa Lesotho ka la 29 Phato 2014, empa eo e neng e le molaoli oa sesole sa Lesotho, Lieutenant General Tlali Kennedy Kamoli, a hana ho theoha litulong. Eaba masole a hlasela litsi tsa sepolesa le ho bolaea lepolesa, Mokheseng Ramahloko, ekasitana le ho hlasela eena Tonakholo Thabane. 

Ke moo mokhatlo oa linaha tsa SADC, o ileng oa kena lipakeng, ‘me oa tla ka leano la hore ho uoe likhethong. Likhetho tsa etsa puso ea kopanelo e ileng ea beha Pakalitha Mosisili e le tonakholo. 

Ke moo Mosisili a ileng a khutlisetsa Kamoli eaba Mahao eena o mathela khotla. Ha makhotla a ntse a seka seka taba ea Mahao, eaba Mahao o’a bolaoa. 

Sets’oants’ong ke mohla lepato la molaoli emong oa sesole, Lieutenant General Khoantle Mots’omots’o ea neng a bolaoe ke masole le eena. 

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments