Thursday, September 19, 2024
spot_img
HomeLesotho HistoryPakalitha Mosisili o’a ts’oaroa o isoa teronkong

Pakalitha Mosisili o’a ts’oaroa o isoa teronkong

Ka letsatsi lena 30 Phupu 1970, eo e kileng eaba tonakholo ea Lesotho, Pakalitha Mosisili, o ile a ts’oaroa le ho koalloa chankaneng ea Maseru Maximum Prison, nako e ka etsang selemo kaofela, a sa qosoa. 

Mosisili eo ka nako eo e neng e le mocha ea matla oa Lekhotla la Mahatammoho (BCP) o ne a tsekisoa seabo sa hae sa ho loants’a ‘muso o neng o ipehile pusong o sa khethoa ke sechaba oa Manasi (BNP) tlasa ketapele ea Leabua Joseph Kaizer Jonathan Molapo e le tonakholo. 

Mosisili o ne a lokolloe litlamong mafelong a selemo se hlahlamang sa 1971. A ikhutlella mosebetsing oa hae oa ho ba morupeli sekolong se seholo sa sechaba (NUL). Empa hang kamora hore ho fenethoe mohlophisi e moholo oa Leselinyana La Lesotho, Mahlomola Edgar Motuba, ka selemo sa 1981, Mosisili o ile a furalla naha ea Lesotho a ikela Afrika Boroa, moo a neng a khutle teng ka selemo sa 1992. 

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments