Thursday, September 19, 2024
spot_img
HomeNews𝐏𝐡𝐢𝐫𝐢 𝐨 𝐛𝐨𝐥𝐚𝐨𝐚 𝐤𝐚 𝐬𝐞𝐡𝐥𝐨𝐡𝐨 𝐤𝐞 𝐦𝐨𝐭𝐬𝐨𝐚𝐥𝐥𝐞 𝐨𝐚 𝐡𝐚𝐞

𝐏𝐡𝐢𝐫𝐢 𝐨 𝐛𝐨𝐥𝐚𝐨𝐚 𝐤𝐚 𝐬𝐞𝐡𝐥𝐨𝐡𝐨 𝐤𝐞 𝐦𝐨𝐭𝐬𝐨𝐚𝐥𝐥𝐞 𝐨𝐚 𝐡𝐚𝐞

Mohoebi Phiri Panyane oa Tajane Mafeteng, o thunyelitsoe lefu ka labobeli la 06 Phato.

Phiri ke motlatsi oa president oa boraro oa Bantu FC oa mehleng.

Tlaleho ea mathomo e re mobolai o ile a kopa ho kopanyoa le Panyane ho tse ling tsa likhoebo Maseru, kopano e joalo e ile ea eba teng. Tlaleho ea mathomo e boetse e supa ha mobolai a ile a ntša sethunya a lelekisa Panyane ka sethunya, ‘me a mofosa makhetlo mane.

‘Molai o ile a fumana Panyane a ipatile ‘me a mothunya la lethala la likulo ho fihlela likulo li fela.

Panyane o ile a potlakisetsoa sepetle Tšepong, moo lingaka li lekileng sohle ho pholosa bophelo ba hae, empa ba hloleha ‘me a felloa ke bophelo mesong ea kajeno.

Fumana litaba tsena li felletse hang hore ‘melaelloa oa lefu lena le sehloho a hlahe ka pele ho makhotla a molao.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments