Thursday, September 19, 2024
spot_img
HomeLesotho HistoryLetona la maoba litaba tsa machabeng Lesotho le qeta lilemo tse 79...

Letona la maoba litaba tsa machabeng Lesotho le qeta lilemo tse 79 tsa tlhaho kajeno

Kajeno ka la 13 Phato 2024, Mosotho eo ebileng letona la litaba tsa machabeng nako e telele ho feta batho bohle Lesotho mona, eleng Mohlabi Kenneth Tsekoa, o qeta lilemo tse 79 a charola. 

Tsekoa ea ileng a qala e le mongoli e moholo oa ‘muso (government secretary) ka 1995, e ile eaba letona la litaba tsa machabeng hang kamora likhetho tsa 2002. 

Kakaretso ea lilemo tseo ebileng letona la litaba tsa machabeng ke 9. ‘Me hona ho etsa hore ebe ke eena ea ileng a se kotsomala nako e telele ho feta bohle. 

Lits’iung tsa hae tsa ho qetela e le letona la machabeng, Tsekoa o ne a halefise ‘muso oa Afrika Boroa oa mokha oa African National Congress (ANC), ha a ne a re bao ke ‘muso o khopo o pelo e mpe o fetang le ‘muso oa Maburu ka bokhopo. E ne e le ha Tsekoa a halefisitsoe ke ha ‘muso oo oa ANC, o ne o beha lipehelo tse thata khahlanong le Basotho ba ts’elelang ka Afrika Boroa. 

Hajoale ntle le hore ke emong oa botsamaisi ba Botho University, o khethuoe e le moemeli ea ikhethang ea ts’epetsoeng ho kholisa linaha tsa lefats’e ho khetha Phoho Joshua Setipa hore e be eena mookameli e moholo kapa ka moo e bitsoang ka teng, mongoli kakaretso, oa Mokhatlo oa Linaha tsa Selekane (Commonwealth). Bobeli, Setipa le Tsekoa, ba hlaha seterekeng sa Mokhotlong. 

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments