Thursday, September 19, 2024
spot_img
HomeLesotho HistoryBasotho ba qobelloa ho ba masole - ba pataloa lisente tse peli...

Basotho ba qobelloa ho ba masole – ba pataloa lisente tse peli ka letsatsi 

Ka letsatsi lena 29 Phupu 1941, mona moo kajeno eseng e le ntlokholo le liahelo tsa sesole sa Lesotho Ha Ratjomose, ho ile hoa thakholoa lets’olo la ho hira Basotho ho masole a ntoa ea bobeli ea lefats’e. 

Sena se ne se tle kamora hore Mofumahali ‘Mants’ebo eleng eena eo e neng eena hlooho ea naha tlasa lekhooa le neng le fuoe boemo ba resident commissioner, a phatlalatse seo a neng a re ke mokhosi oa ntoa, moo a neng a mema monna emong le emong oa Mosotho ho ea ntoeng. 

Lipehelo li ne li eme joana

Ho ne ho hlokoa banna feela. Basali ba ne ba haneloa. ‘Me e ne e ba banna ba lipakeng tsa 18 le 40 ea lilemo. ‘Me ba be boima ba bonyane 52.16 kg ho ea holimo. Meketa e ne e haneloa. ‘Me e ne e lokela hore e be banna bao meno a bona a ntseng a feletse ka hanong.  Athe ka bolele, ba fete 1.6 metres ho ea holimo. 

Monna emong le emong oa Mosotho ea fihlelang lipehelo tsena, o ne a isoa bosoleng ka nkane. ‘Me ea so nyale o ne a khola Sente tse peli ka letsatsi, empa ea nyetseng, palo ea lisente e ne e nyolloa, ebe li feta tse leshome. Chelete e ne e nyoloha ho latela boemo ba mosebetsing (rank). 

Sets’oants’ong banna ba Basotho ka likola ba kalletse lipitsi ba malala a laotsoe ho amohela khosi ea Manyesemane, Maseru ka Tlhakubele 1947. 

Tlatsetso ea litaba tsena e hlaha ho Military labour mobilization in colonial Lesotho during World War II, 1940-1943 ka Mary Nombulelo Ntabeni. 

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments