Thursday, September 19, 2024
spot_img
HomeLesotho HistoryLerotholi o nyatsa litaelo tsa Letsie kapela sechaba

Lerotholi o nyatsa litaelo tsa Letsie kapela sechaba

Ka letsatsi lena 3 Phupu 1880, likhoeli tse peli pele ho Ntoa ea Lithunya, morena Letsie o ile an epa pitso botenng ba makhooa a neng a nyoloha Kapa (Cape Town). Sepheo e le hore Basotho ba nehelane ka lithunya. 

Hara ba ileng ba hana khoeletso ea morena Letsie le makhooa, ke mora e moholo oa eena morena Letsie, eleng morena Lerotholi, hammoho le moena oa morena Letsie, morena Masupha. 

Likhoeli tse peli kamora mona, Ntoa ea Lithunya e ile ea kupa. Ea nto fihla pheletsong ha makhooa a hloloa, ka selemo sa 1881. Ntoa ena ea siela ‘muso oa makhooa sekhobo sa sekoloto. Ka ha makhooa a ile a tlameha ho ea raha pokola bankeng ea Standard Bank hore ba reke lithunya ho tla loants’a Basotho. 

Ea sets’oants’ong ke morena Lerotholi. 

Sets’oants’o ka Princes And Princess of Lesotho. 

Tlatsetso ea litaba ka ‘Political culture as a source of instability: case study of Lesotho’ ka Zibani Maundeni. 

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments