Wednesday, September 18, 2024
spot_img
HomeNews“Lipilisi tsa li ARV  Hase Mahala” Lebohang Mothae

“Lipilisi tsa li ARV  Hase Mahala” Lebohang Mothae

Maseru- ‘Mokeng o neng o ts’oaretsoe baphatlalatsi kaLabobeli ho hlahelletse ha lipilisi tsa bophelo bohle (ARV) esemahala. 

Litaba tsena li buuoe ke Mookameli oa mokhatlo oa HIV/AIDS(NAC) Lebohang Mothae.  Mothae ha a toboketsa litaba tsena o supile ha Lesotho le sebelisa bonyane limilione tse M233 kaselemo ele ho khahlametsa theko ea lithlare.

Ha a tsoela Pele o bonts’itse ha Lesotho le ipehetse sekepele saho loants’ana le HIV/AIDS ka bonyane linoko tse 95% ebeBasotho ba tsebang boemo ba bona, 94% ebe Batho ba noanglithlare.

Ha a phethela litaba tsa hae o elelitse Basotho ho ts’epahalla lithlare tsa bona , le ho lisebelisa ka nepo , a eletsa hore batlohele ho li tsoaka le lithethefats’e kaha Naha e kenalitse’nyehelong. 

A bua mmokeng o ts’oanang ,Mookameli kalosong ea lits’oaetsotse ncha, Maema Ramaema  o supile ha lits’oaetso tse nchaliphahame haholo Maseru ka  linoko tse 20.1%, Mafeteng 19.3% , Mohale’s  Hoek 18.9%, Butha-Buthe ke 15.4%, Berea ke17.2%, Quthing eona ke 17.1% ha Mokhotlong ele  15.4%.

“ Sekhahla sa HIV/AIDS  se ntse se  phahame, Lesotho le boemong ba 65.1%,” a rialo

Maema o bonts’itse ha Seterekeng sa Quthing se tobane le qholotso ea ho fa bakuli lithlare ka linoko tse 79.6%. 

O supile mabaka ele hobane Batho ba Quthing boholo ba sebetsaAfrika Boroa ‘me ba bonahala ba sa late lithlare litsing. Ha a tsoela Pele o supile ha Quthing  batho ba teng ba bua puo tsefapaneng ‘me seo se khina litse’ebeletso tsa Bophelo kaha baokiba sa utloisisisi puo ea koo le bakuli ba sa itubi hoea litsing  kalebaka le tsoanang.

Ha a hatela pele, o bonts’itse  ha selemo sa 2010 ene elebonyane batho ba 94,288 bane ba fumana lithlare tsa ts’oaetso ea HIV/AIDS ha selemo sa 2023 ele bonyane Batho ba 241,462 ‘me Palo ea Batho ba sebelisang lithlare e nyolohile ka 15%.

“ 93% ea basali ba lilemo li 15 hoea holimo ba tseba boemo babona ha 90% ea bona ba noa lithlare ka nepo ha banna ele 90% ‘me seo se supa ha mokhatlo o tlameha ho khothaletsa banna ho tseba boemo ba bona,”  a toboketsa

Maema o khothalelitse basali ba bakhachane ho noa lipilisi kanepo ele ho tlohela ho ts’oaetsa bana nakong ea bokhachane le ho se emise lithlare nakong ea kanyeso.

A tlatseletea ka hore batsoali ba ts’epahalle lithlare tsa bana kahake ka bona sekhahla sa bona sa ts’oaetso seka fokotsehang . 

Ke bonyane 80% ea bana ba lilemo li 0-14 ba tsebang boemo babona. A bonts’a ha lilemo tse 13 tse fetileng ba bolokile bafu babangata 221,868 ka selemo sa 2023 ba 17,019 ha lits’oaetso tsencha enele 23,623 ha selemo sa 2023 ene ele 1,483.

Ha phethela litaba tsena , o ipilelitse ho Basotho bohle ho sebelisa mekhoa eohle ea ho thibela HIV/AIDS ele ho theolaboemo ba HIV/AIDS ba Naha machabeng.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments