Thursday, September 19, 2024
spot_img
HomeLesotho HistoryMoshoeshoe o ngoathela makhooa papa ka lebese Thaba Bosiu 

Moshoeshoe o ngoathela makhooa papa ka lebese Thaba Bosiu 

Nalaneng ea Afrika eohle e ka boroa, morena oa pele oa ho amohela baruti ba makhooa ka pitso ea hae, e ne e be morena oa Basotho, morena Moshoeshoe, ka letsatsi lena 28 Phupjane 1833. E ne e bile e le Labohlano bekeng, joaloka e le Labohlano tjena kajeno. 

Makhooa a mararo; Eugene Casalis, Thomas Arbousset le Constant Gosselin, a neng a tsamaea le toloko le morena oa Baroa, Adam Kok Oa Bobeli, ba ne ba fihle Thaba Bosiu ka letsatsi lona lena. 

Ba ne ba khahlametsoe haufi le Ladybrand, ke marena Letsie, Molapo le Masopha. Ba tla le bona empa lebitsong la mokhathala, ba robala lehaheng le Ha Ts’osane Maseru, leo kajeno le bitsoang Phomolong. Ka hosasa ba menahana le mehlala ba leba Thaba Bosiu. 

Kamora ho phomosetsoa papa ka lebese, ba ja ka mpshane tse lokisitsoeng hantle ke mofumahali ‘Mamohato, mohats’a morena Moshoeshoe, baruti ba neng ba tlile ba itsobokile ka lithunya le phahlo tse fokolang feela, ba laela hore thepa eohle ea bona e Philippolis, ha morena Adam Kok Oa Bobeli, e latoe kaofela. Ba toboketsa ha ba khahluoe ke ho tla phela le morena Moshoeshoe. 

Hamorao ha ba le tseleng e eang Masite, moo ba neng ba se ba ts’oaetsoe teng, hang ha ba ts’ela noka ea Lerato, e Makhoarane, ba khahloa ke sebaka seo, eaba ba se ba re e ka khona ba tsitse moo. Ba se fuoa ntle ho khanano. Ba nto reha Makhoarane Moriea. Empa hamorao lebitsong la phethophetholo ea mongolo oa Lesotho, Moriea ea fetoha Morija. 

Sets’oants’ong ke Moriea eseng e le Morija kajeno.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments