Friday, September 20, 2024
spot_img
HomeLesotho HistoryMosisili o phatlalatsa thakholo ea komisi e batlang ka lefu la Mahao...

Mosisili o phatlalatsa thakholo ea komisi e batlang ka lefu la Mahao empa ha komisi e fana ka tlaleho o’a e latola 

Mahlomola Letsie


Ka letsatsi lena 20 Phupjane 2016, eo e neng e le tonakholo ea Lesotho, Pakalitha Mosisili, o ile a netefaletsa lefats’e le Basotho hore o thakhola lipatlisiso mabapi le lefu la molaoli oa mehleng oa sesole sa Lesotho, Lieutenant General Maaparankoe Mahao. 

Mahao o ne a bolaoe ke litho tsa sesole sa Lesotho ka la 25 Phupjane 2015. 

Komisi ea batho ba leshome e neng e eteletsoepele ke moahloli Mpaphi Phumaphi e ile ea supa ha bolaoli ba sesole sa Lesotho ba ka nako eo bo neng bo eteletsoepele ke Lieutenant General Tlali Kennedy Kamoli, bo nkha lefotha. 

Empa eaba  Mosisili o ema thabeng o hana ho amohela tlaleho eo ea Phumaphi ho fihleletse linaha tsa SADC li ‘mitsetsa naheng ea Botswana moo li ileng tsa bua ka thata le eena ba re a khethe hore o hana ho amohela tlaleho ea Phumaphi kapa Lesotho le lelekoe kahara mokhatlo oa linaha tsa SADC. 

Mosisili o ile a tsoapetsa mohatla a itlama hore o tla amohela tlaleho ea Phumaphi. 

Empa a boela a etsa “bolotsana” a hlakola mabitso a masole a neng a ameha. Empa hamorao ka its’oela mokhubu a fana ka tlaleho e feletseng. 

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments