Saturday, October 5, 2024
spot_img
HomeCompaniesVodacom Lesotho e thakhola leano la mohala ka mokitlane

Vodacom Lesotho e thakhola leano la mohala ka mokitlane

Maseru- Vodacom Lesotho e hlahisitse leano le lecha la “Mohala ka Mokitlane” ka Labobeli la beke ena.

Hlooho ea Phethahatso ea Thekiso le Phahamiso, Mofumahali Palesa Kaloli o bonts’itse ha leano Lena le tla nolofalletsa Basotho ho fumana  mehala ekang Smart Kicka 6 Mobicel, Sechocha, Samsung Galaxy AO4 le tse ling ka mokitlane ntle le ho patala kontane.

O supile ha Vodacom ese ntse  e rekisa mehala ka theko e tlase empa leha hole joalo ho ntse ho ena le Basotho ba sa khoneng ho reka kontane ka hoo ba ikelelitse ho etsa leano la mokitlane ka mohala ho bebofalletsa Basotho.

A tsoela Pele hore leano Lena le tla thusa bahoebi ba banyane hore batsebe ho bapatsa likhoebo le lihlaisoa tsa bona marang-rang. Ba shebelle litaba tsa lehae le tsa machabeng. 

Ha tlatseletsa a re Sena se tla thusa le ho ntlafatsa tsebelisano le phapanyetsano ea thlaiso-leseling hara sechaba.

Kaloli o supile ha motho a tlameha hore ebe ebile mosebelisi oa Mpesa oa Nako e telele, a sebelisa litsebeletso tsa moea khafetsa hape a Sena mekoloto e meng hore a be monyetleng oa ho reka mohala ka sekoloto.

Ha a tsoela Pele o bonts’itse  ha  ketso eo Vodacom e tla Sheba ts’ebeliso ea lits’ebeletso tsa mohala le tsa Mpesa ho etsa qeto ea hore naa motho o ts’oaneleha ho fumana mohala ka mokitlane.

O bonts’itse  hape hore haeba motho a batla ho hlahloba hore na a ka fumana mohala ka mokitlane aka tobetsa *111# ebe o khetha khetho ea 8. 

Ka ho etsa seo se mofa monyetla  oa ho bona linthla tse amanang le boemo ba Hae ba ho ts’oaneleha bakeng sa mokitlane.

“ Motho o tlameha ho lefa 30% ea theko ea mohala ele tefo ea pele, Pele a ka fumana mohala ‘me kamora tefo motho ka mong o ikhethela hore naa o tla patala  mokitlane oa hae kamora Nako e kae,” a rialo 

Kaloli o bonts’itse  ha Sena se nolofalletsa bareki ho etsa liqeto tse lumellanang le matla a bona a ho patala  linako tse telele Kapa tse khuts’oane.

O boetse a hlalosa hore motho ea nkang mokitlane, o na le monyetla oa ho fuoa metsotso, data le li sms letsatsi le letsatsi ele ho sebelisa lits’ebeletso tsa mohala ha bonolo.

Leha ho le joalo, haeba motho a hloleha ho patala mohala ka Nako e lumellanoeng , Vodacom e koala mohala ho fihlella tefo e etsoa ‘me ha hona tefo ea letho e tla etsoa ha motho ase a buleloa mohala hape.

“ Ha motho a nkileng mokitlane a hlokahala, Mojalefa oa hae ke ena ea tla ikarabella ho lefa,” a toboketsa

Ha phethela litaba tsa hae , Kaloli o bonts’itse  ha ho Sena motho ea tla kena pooneng ka mohala oa Vodacom. A tlatseletea hore ba tla mo batla kaha a ngolisistse le Vodacom a sebelisa nomoro ea Boitsibiso.

Ea ikarabellang litabeng tsa Baji, Monghali Thabisi Khatapane o itse Basotho ba tlameha ho ba fihlella thekenoloji. 

Ka hoo Vodacom e etsa hore e fumanehe ha bobebe le ka theko e tlase kaha e sebelisoa bakeng sa puisano, mesebetsi, ho reka thepa le lintho tse ling tsa Bohlokoa bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi.

A re vodacom e entse mosebetsi o motle , ho be bofalletsa Basotho ba sitoang ho reka mohala ka kontane.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments