Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistorySelekane sa Moshoeshoe le lekhooa la Ficksburg

Selekane sa Moshoeshoe le lekhooa la Ficksburg

Ka letsatsi lena 22 Mots’eanong 1867

Ka letsatsi lena 22 Mots’eanong 1867, molaoli ea neng a hlothuoe masiba oa sesole sa Maburu e leng Johan Fick, eo sebaka sa Ficksburg se reheletsoeng ka eena, o ile a theha selekane sa “khotso” le Basotho, empa sa nka khoeli feela!

Matsatsi a 10 kamora mona, Morena Mopeli, moena oa Morena Moshoeshoe, o ile a ea jaka Qwaqwa e leng moo Maburu a neng a qeta ho leleka Morena Oetsi, morena oa Makholokoe.

Athe matsatsi a 21 kamora mona e leng la 12 Phupjane 1867, tlasa thaba ea Mpharane, Freistata, Johan Fick — ea neng a qale ho ba lesole a sa le lilemo li 16 ka selemo sa 1832 — o ile a theha motse o ileng oa bitsoa Ficksburg.

Lipehelo tsa ho aha Ficksburg

Fick o ile a beha lipehelo tse thata tsa hore Leburu le batlang ho aha Ficksburg bonyane le be le:

  • Sethunya
  • Likulo tse 200
  • Mosili oa lithunya oa boima ba liponto tse 5
  • Lijo tse ka tšoarellang bonyane matsatsi a 10

Selekane se ts’oanang le sa pejana

Selekane sena sa Fick se ne se batla se ts’oana le sa likhoeli tsa pejana se ileng sa bitsoa Tumellano ea Mpharane, moo Fick a neng a romella mora oa hae Paul Fick le Leburu le bitsoang Fanie Jacobs ho ea phela le Basotho Leribe. Morena Molapo le eena o ile a romela bara ba hae Joel le Jonathan ho ea phela le Maburu.

Pheletso ea likhohlano

Empa lilekane tsena kaofela li ile tsa boholoa ke lintja ka la 16 Phupu 1867 ha ho qhoma Ntoa Ea Seqiti lekhetlo la boraro. Ntoa ena e ile ea ea moriting ka la 12 Tlhakubele 1868 ha Manyesemane a etsa namo.


Litlhaloso

* Fick o ne a hlothoe masiba kamora hore ho hlahelle hore e ne e le eena feela Leburu le neng le thusa Manyesemane mohla a tla shasharoa ke Basotho ka 1851 ka Ntoa ea Kolonyama (e tsejoang hape e le Viervoet). Kolonyama ena e Leribe ke lerehelloa la Kolonyama e Freistata, eo e neng e le naha ea Basotho.

** Mpharane ena e Leribe ke lerehelloa la Mpharane e Freistata (eo kajeno e bitsoang Ficksburg). E ne e le naha ea Basotho.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho