Ka la 30 Phupjane 1980, lilemo tse 14 ka mor’a hore Lesotho e fumane boipuso, ho ile hoa thehoa lefapha la sesole naheng ena.
Ka letsatsi lena la 30 Phupjane 1980, ho ile hoa thehoa lefapha la sesole naheng ea Lesotho, e leng lilemo tse 14 naha e fumane boipuso ho tloha ka 1966.
Ea ileng a fuoa bookameli ba taolo ea sesole e ne e le Justin Metsing Lekhanya.
Lekhanya e ne e le mookameli oa lefapha la sepolesa le neng le thehiloe ho laola maliboho, empa bao ba ileng ba ikhethela ho iketsa seka-sesole, e leng Police Mobile Unit (PMU).
Lilemo tse 6 sesole se thehiloe, sa tsohela puso matla sa ikhapela puso ea Tonakholo Leabua Jonathan, eo le eena a neng a ikhapetse eona ka potlako ha a qeta ho hloloa ke likhetho tsa 1970.
Metsing Lekhanya, eo e neng e le mots’epuoa oa Tonakholo Leabua Jonathan, o ile a nka marapo a tonakholo le ho bitsa sesole Royal Lesotho Defence Force (RLDF).
Taolo ea sesole e behiloe taolong ea Brigadier General Makalang Lerotholi.


