Ka la 20 Phupu 1995, mokhethoa oa Qacha’s Nek, Dr. Pakalitha Mosisili, o ile a beoa motlatsi oa tonakholo oa Lesotho, a fuoa le lekala la litaba tsa lehae.
Staff Reporter
Ka letsatsi lena, 20 Phupu 1995, eo e neng e le letona la thuto le ho ba mokhethoa oa Qacha’s Nek, Dr. Pakalitha Mosisili, o ile a fuoa matla kahara puso ea Lesotho, a etsoa motlatsi oa tonakholo.
Dr. Mosisili o ile a fuoa lekala leo hangata le nkuoang e le la bohlokoa haholo eleng lekala la litaba tsa lehae (Home Affairs).
Pakalitha Mosisili le lebatooa la Qacha’s Nek
Dr. Mosisili ka nako eo e ne e le mokhethoa oa lebatooa la Qacha’s Nek tlasa Lekhotla la Mahatammoho (BCP), hobane lebatooa la habo la Tsoelike le ne le emetsoe ke Phamotse Rats’oleli oa lekhotla le tšoanang la BCP.



