Mohahlaula Airlines
Wednesday, July 22, 2026
HomeToday In HistoryHo etsoa molao oa hlabahlabane Lesotho

Ho etsoa molao oa hlabahlabane Lesotho

Ka la 22 Phupu 1920, tulong ea eona ea bo 15, Basutoland National Council e ile ea fihlela liqeto tse ’maloa: ho fothotsoa hoa hlabahlabane naha ka bophara, ho nyolloa ha lekhetho la basali, ho thehoa ha lekhotla la bafo, le molao o sireletsang banana le basali. Marena a hana liqeto tse ’maloa.

Staff Reporter

Ka letsatsi lena, 22 Phupu 1920, tulong ea eona ea bo 15, paramente ea naha, Basutoland National Council, e ile ea fihlela liqeto le melao e ’maloa. Liqeto tseo li ne li ama temo, lekhetho, sebopeho sa paramente le tšireletso ea banana le basali.

Liqeto tsa Basutoland National Council

Molao oa pele e ne e le oa hore hlabahlabane (burweed) e ntšoe ka metso Lesotho. Ho ile ha etsoa qeto ea ho hira bahlahlobi (inspectors) ba tla etsa bonnete ba hore hlabahlabane e fothotsoa naha ka bophara.

Qeto ea bobeli e ne e le ea ho nyolla lekhetho ka lisente tse leshome, moo monna a neng a lefisoa ponto ka mosali. Mohlala, haeba monna a nyetse basali ba leshome, o ne a lefa liponto tse leshome.

Qeto Se boletsoeng
Temo Hlabahlabane e ntšoe ka metso; ho hiroe bahlahlobi
Lekhetho Ho eketsoa ka lisente tse leshome; ponto ka mosali
Paramente Ho thehoa ha lekhotla la bafo le khethoang ke sechaba
Tšireletso Molao o sireletsang banana ba ka tlase ho lilemo tse 16 le basali ba nang le bokooa ba kelello

Lekhotla la bafo le khang ea marena

Qeto e ’ngoe e kholo e ne e le ea ho thehoa ha lekhotla la bafo (Council of Commons) kahara paramente. Batho ba ne ba tla kena ho lona ba khethiloe ke sechaba, eseng kamoo ho neng ho etsahala pele, moo batho ba neng ba kena ho latela lithahasello tsa ea busang.

Litho tsa paramente tse ngata e ne e le marena a sa khethoang. Marena ao a ne a sa rate leano lena, ’me a le tjebela matjoing.

Marena a boela a hana molao o neng o kenngoa tšebetsong ke linaha tse ngata tsa lefatše, o neng o re ho sireletsoe banana ba ka tlase ho lilemo tse 16 le basali ba nang le bokooa ba kelello. Khang ea marena e ne e le hore molao ona o tla tlisa lenyatso melaong ea setso le ho baka pherekano kahara sechaba.

Hlabahlabane e tsoa Amerika

Hlabahlabane e kene Lesotho lilemong tsa bo 1840. E ile ea kena ka boea ba linku tsa Maburu, tse neng li e fumane boeeng ba linku tsa makhooa. Ke semela sa Amerika.

Lipale tse amanang: The youngest prime minister in Lesotho

Lipale tse amanang: Mosisili o fuoa matla pusong

Mohloli o mong: Nalane ea Senate le Basutoland National Council, ’Muso oa Lesotho.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

Independent business & current affairs journalism · Lesotho Subscribe — M85/month
| Independent business & current affairs journalism · Lesotho