Ha sechaba sa Afrika Boroa se ne se rapella Nelson Mandela sepetlele ka la 3 Phupu 2013, lelapa la hae le ne le le khotla Eastern Cape, le tsekisana ka sebaka sa lepato la hae.
Ka letsatsi lena 3 Phupu 2013, sechaba sa Afrika Boroa se ile sa bokana sepetlele ho rapella Nelson Mandela ea neng a kulela lefu – empa lelapa la Mandela lona le le sieo.
Lelapa le ne le sieo Khauteng moo Mandela a neng a le makhatheng a lefu, le ne le le Eastern Cape moo le neng le tsekisana ka hore na mohlang Mandela a shoeleng a tle a pateloe kae.
Ba neng ba le kapele litsekisanong e ne e le Mandla Mandela le rakhali oa hae, Makaziwe Mandela.
Eka Khauteng lingaka li ile tsa fana ka tlaleho ea hore lelapa le nke qeto ea hore mochini oo e neng e se e le oona o thusang Mandela ho hema o mpe o tingoe ka ha phethoho e sa tlo ba teng.


