Mohahlaula Airlines
Monday, July 6, 2026
HomeToday In HistoryHo etsoa sethunya sa AK 47 lekhetlo la pele

Ho etsoa sethunya sa AK 47 lekhetlo la pele

Ka letsatsi lena, 6 Phupjane 1947, eleng letsatsi pele ho letsatsi la la 7.07.47, ho ile hoa etsoa sethunya se bitsoang AK 47.

Sethunya sena se ne se etsoe ke monna ea bitsoang Mikhail Kalashnikov ea neng a sa tsebe ho etsa lithunya empa kamora hore lemale ntoeng ea lithunya ea Bryansk, a khetha hore a iketsetse sethunya.

A khetha ho etsa sethunya seo a ileng a se reha Avtomat Kalashnikova 47 kapa AK 47.

Kajeno sethunya sena se sebelisoa ho feta sethunya se fe kapa se fe lefats’eng.

Ntsu Mokhehle

Mosotho oa pele oa ho ba le sethunya sena ke Ntsu Clement Sejabanana Mokhehle ka seka masole a hae a neng a ipitsa Lebotho la Topollo La Lesotho (LLA).

O ne a hlasela sesole sa Lesotho ka tsona.

Hamorao mahareng a lilemo tsa 1980, sethunya sena sa kena Lesotho empa sa fuoa lemuloana le neng le ipitsa Thaka Encha eleng bacha ba Mokha oa Sechaba sa Basotho (BNP) ba neng ba lula liahelong tsa sesole sa Lesotho, Makoanyane ka lereng ke “bacha ba naha ba koetlisitsoeng sesole ntlheng ea litlhaselo tsa Maburu”.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho