Motlotlehi Letsie III o keteka lilemo tse 63 tsa tlhaho a le seterekeng sa Mokhotlong, sebaka seo e leng habo moholo, moo ntate oa hae Motlotlehi Moshoeshoe II a tsoaletsoeng teng.
Ka Mahmoud Jay Letsie
Kajeno Rabasotho, Motlotlehi Letsie III, o keteka lilemo tse 63 tsa tlhaho a le seterekeng sa Mokhotlong.
Mokhotlong mona haele hantle ke habo moholo. Nkhono oa hae, setsoala ntatae, eleng mofumahali ‘Mabereng, o tsoaletsoe Mokhotlong.
Ntate oa hae, Motlotlehi Moshoeshoe II, o tsoaletsoe Mokhotlong.
Ha ho qaloa ho etsoa ntho e bitsoang King’s Birthday ho Lesotho le ipusang ke ka la 2 Mots’eanong 1967, ka lebaka la tsoalo ea Motlotlehi Moshoeshoe II e neng e be Thabang, Mokhotlong, ka la 2 Mots’eanong 1938.
Thialala
Baahi ba pele ba Mokhotlong, eleng moo nonyana eo ka Senyesemane e bitsoang Bald Ibis ‘me Maburu oona a e bitsa Wilde Kalkoen, eleng hore kalakunu e hlaha, e neng e fumaneha ka bongata, ke batho ba Korokoro, Maseru. Ba ne ba falle le khosi ea bona morena Rafolatsane Letsie. Eo makhooa ha a sitoa hore Rafolatsane a neng a khaoletsa a re Sani. Le kajeno lekhalo la morena Rafolatsane le tsejoa e le Sani Pass.
Batho ba morena Rafolatsane ba nto fumana sehalahala sa mofuta oa leholo (bush aster filifolius) se le se ngata haholo ka mona.
“Eaba ba re mona ke Mokhotlong sehalahala.”
Hara litereke tseo makhooa a tsoafileng ho lula ho sona ke sena sa Mokhotlong. Joale makhooa ha a ea a chakela a ne a utloa ha Basotho ba ntse ba re Mokhotlong sehalahala, eaba ba sitoa ho riatso ba re Mokhotlong Thialala.
Thialala e le hore sehalahala ho ea ka bona. Ke ha lebitso la Thialala le tla nka mojaho ho fihleletse kajeno.
Molumong
Ke itse baahi ba pele ba ne ba tloha Korokoro, moo lebitso lena le thomehileng ho otloeng hoa lefaru ebe le etsa molumo o kang o re Koro koro!
Joale ha ba se ba le Mokhotlong ba nto oelana le lefaru le leng le ntseng le etsa molumo o ts’oanang, ba nto reha sebaka seo Molumong.
Mehloli le lithaba
Mohloli oa noka e kholo haholo ea Senqu o Mokhotlong. Mohloli oa noka e bitsoang Namahali, eleng e fepelang noka e kholo ea Lekoa, o Mokhotlong.
Thaba e telele ka ho fetisisa Afrika mona ka boroa ho thaba ea Kilimanjaro le Meru, ke Thabana Ntlenyane, ‘me e Mokhotlong.


