Mohahlaula Airlines
Friday, July 3, 2026
HomeToday In HistoryMokhatlo oa lefats’e oa batho ba bats’o o’a thehoa ka ts’usumetso ea...

Mokhatlo oa lefats’e oa batho ba bats’o o’a thehoa ka ts’usumetso ea mosali oa Mosotho

Ka letsatsi lena 1 Phato 1914, Universal Negro Improvement Association and African Communities League (UNIA) eleng mokhatlo oa lefats’e oa batho ba bats’o o ile oa thehoa. 

Mothehi e ne e le letsoalloa la naha ea Jamaica, Marcus Garvey, eo kamora hore a phure leshetla le mosali oa Mosotho ea ileng a furalla Lesotho le moruti oa lekhooa ea neng a tlile Lesotho ka boruti. 

Emong oa bathehi e ne e le Mokete Manoeli Molapo, oa Leribe ea neng a phela Amerika ka nako eo. 

Folakha ea UNIA eleng e mebala e meraro; o mots’o, o motala, o mokhubelu, e sebelisoa ke linaha tse ngata tsa Afrika.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho