Mohahlaula Airlines
Friday, July 3, 2026
HomeToday In History‘Muso o khina maeto a lifofane a Lesotho 

‘Muso o khina maeto a lifofane a Lesotho 

Ka letsatsi lena 1 Mphalane 1996, lifofane tsohle le maeto a lifofane a Lesotho Airways a ile a khinoa hang hang. 

Tllhaloso ea ‘muso oo oa Sejabanana Clement Ntsu Mokhehle eaba hore “‘muso ha o na chelete”. 

Selemong se hlahlamang company ea Afrika Boroa, Ross Air, ea nka taolo ka liabo tsa 80% le 20% ea ‘muso oa Lesotho. 

Ross Air ea khetha ho fofisetsa kantle ho naha feela. Maeto a lifofane a kahara naha oona eaba ha a tsosoe. 

Ho feta mona Ross Air ea khetha ho sebelisa lebitso la pele la Lesotho Airways la Air Lesotho. 

Ka 1999, Ross Air e neng e se e ipitsa Air Lesotho ea putlama. Ea khutlela Afrika Boroa. Ka 2005 ea putlamela ruri.

You have 1 free article left this month. Create a free account for 15 articles/month.

Create free account
RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho