Ka letsatsi lena, 14 Mphalane 1971, Motlotlehi Moshoeshoe II o ile a tlotloa ke naha ea Iran ka khau ea khauta, eo boleng ba eona kajeno eleng M26,264.63
Motlotlehi Moshoeshoe II o ile a fuoa khau ena ketekelong ea lilemo tse 2 500 esale naha ea Iran ele teng, eleng mokete o neng o nke matsatsi a 5 kaofela.
Ho ne ho mengoe linaha tse 7 feela Afrika:
Mareneng a neng a hlaha Afrika ho ne ho le teng Motlotlehi Haile Selassie oa Ethiopia, Motlotlehi Moshoeshoe II oa Lesotho, ‘moho le khosana le khosatsana tsa Morocco ba neng ba emetse lelapa.


