Ka letsatsi lena 18 Mphalane 1919, marena a Lesotho ‘moho le morena e moholo oa ka nako eo morena Griffith Lerotholi eleng ntatemoholo oa Motlotlehi Letsie III, ba ile ba fihla Southampton, naheng ea England.
Sepheo e ne e le ho ea rapela puso ea Britain hore e hanele naha ea Afrika Boroa ho hapa naha ea Lesotho.
Marena a ne a ile a tloha Lesotho ka la 21 Loetse 1919 ba tsamaea ka sekepe ka ha maeto a lifofane a ne a so be teng.


