Mohahlaula Airlines
Friday, July 3, 2026
HomeToday In HistoryMokhehle le Mandela ba theha Youth League

Mokhehle le Mandela ba theha Youth League

ANC Youth League — Lesotho Tribune
“`
Lesotho Tribune
Information Liberates
Today in History

Ka letsatsi lena la 9 Mmesa ka selemo sa 1944, mokha oa lipolotiki o moholo ho feta eohle naheng ena ya Afrika, eleng African National Congress (ANC), o ile oa theha lekala la eona la bacha le tsebahalang ka lebitso la ANC Youth League.

Har’a ba ileng ba theha lekala lena e ne e le Anton Lembede, ea neng a khetha ho etella pele. Lembede o ile a hlokahala a le monyenyane, mme setulo sa boetapele sa fallela ho AP Mda, ea ileng a khetha hamorao ho jaka Mafeteng ho iphelela teng, empa a ntse a le le boetapele bo matla kahara mokha.


Karolo ea Youth League e ile ea hlahisa baetapele ba babeli bao lefatše lohle le ba tsebang — mopresidente le tonakholo.

ANC Youth League · Motheo, 1944

Ba bang ba bathehi ba akha Nelson Mandela, eo e ileng eaba mopresidente oa pele ea naha ea Afrika Boroa ea motho e motso, le Ntsu Mokhehle, eo eena e ileng eaba tonakholo ea pele ea Lesotho ea ho behoa kamora boipuso ba 1993.

Ntsu Sejabanana Clement Mokhehle

Setšoantšo: Ntsu Sejabanana Clement Mokhehle, e mong oa bathehi ba ANC Youth League le tonakholo ea pele ea Lesotho ea ho behoa kamora boipuso.

“`

You have 1 free article left this month. Create a free account for 15 articles/month.

Create free account
RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho