Ka letsatsi lena 27 Phupjane 1925, eo e neng e le morena e moholo oa Basotho, Khosi Griffith Lerotholi, o ile a laela hore bohle bao eleng litho tsa Lekhotla la Bafo ba lelekoe.
Khang ea morena e moholo e ne e le hore Lekhotla La Bafo le loants’a borena. Ka hona le lelekoe kahara Basutoland National Council eleng seo e neng e le paramente ea Lesotho ka nako eo.
Lekhotla la Bafo le ile la thehoa ke bao bao e neng e se barutehi hape e se marena. Le thehoa ke Josiel Lefela oa Mapoteng le ngoanabo, Maphutseng (ea fotong).
Morero oa Lekhotla la Bafo e ne e le hore Basotho ba sa rutehang ba sa sebetseng ebile e se marena le bona ba be le boemeli le lentsoe kahara paramente ea Lesotho. Le hore naha e fuoe boipuso.
Advertisement
...