Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryIran e fa Lesotho R10 million ea liranta

Iran e fa Lesotho R10 million ea liranta

Ka letsatsi lena, 26 Phupjane 1975, naha ea Iran e ile ea nyetleletsa naha ea Lesotho chelete e kaalo ka R10 million e le ea Liranta. Chelete ena e fuoa Lesotho e le mokitlane kamora hore naha ea Iran e hafe ka nkatana thekisong ea mafura (oil). Ke moo eo eneng e le tonakholo ea Lesotho, Leabua Jonathan, a neng a nke monyetla a raha pokola. Iran e ne e busoa ke morena Mohammad Reza Pahlavi. Empa lilemo tse ‘ne kamora mona, morena o ne a ketoloe setulong sa puso ke monna ea bitsoang Ayatollah Khomeini ea neng a shoe ka 1989 eaba Ayatollah Khamenei ea sa tsoa bolaoa ke masole a Donald Trump o nka puso. Eo a re ha a batle letho ka Lesotho.
RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho