Ka letsatsi lena 24 Phupu 2024, Malome Vector eo mabitso a hae a ‘nete eleng Bokang ‘Moleli, o ile a timella kotsing ea koloi tseleng ea N1 Free State, Afrika Boroa, a le tseleng e tlang Lesotho.
Malome Vector o ne a tsoaletsoe Roma, Maseru, ’me o qalile leeto la hae la ’mino a le lilemo li 14, a nka karolo lik’hwaereng tsa sekolo le litlholisanong tsa litalenta.
Hamorao o ile a fallela Afrika Boroa, kamora ho tekena le Ambitiouz Entertainment ka selemo sa 2020. Kamora ho furalla Ambitiouz Entertainment, o ile a theha The Whole Entertainment, ‘me a lokolla EP ea hae ka Hlakola 2024, eo ka phoso a ileng a e reha “1964” moo a neng a lekanya ha boipuso ba Lesotho bo bile ka selemo sa 1964 empa ka nepo bo bile ka selemo sa 1966.
’Mino oa hae o ne o chorisa likelello ka boitsebo, ho ba motlotlo ka bohaeno, le mathata a bacha, e leng se ileng sa mo fumanela balateli ba bangata Lesotho le Afrika Boroa.
Lefu la hae le ile la sithabetsa batho ba bangata maikutlo haholo. Lefa la ‘mino oa hae le tsoela pele le ntse le ketekoa le kajeno.
Pina e kang “Family Anthem” ea Danya Devs (2025), e mo hlomphang ka ho kenyelletsa pina ea hae e tummeng ea “Dumelang”.


