Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryBasotho ba bokana ha Motlotlehi ba hana ho tloha

Basotho ba bokana ha Motlotlehi ba hana ho tloha

Ka letsatsi lena, 4 Phato 1998, liketekete tsa balateli ba mekha e meraro ea khale ea Lesotho; Lekhotla la Mahatammoho (BCP), Mokha oa Sechaba sa Basotho (BNP) le Mokha oa Marematlou (MFP) ba ile ba ikisa ho Motlotlehi Letsie III eaba ba se ba hana ho khutlela hae. 

Ba qeteletse ba se ba robala moo mapatlelong a Borena bo Boholo (Royal Palace) ka lereng moo ke tulong ea boitseko (Freedom Square). 

Boieane bona bo ne bo tseka hore likhetho tsa Mots’eanong 1998 tse neng li fane ka sephetho se belaetsang ka lereng Lekhotla la Puso ea Sechaba ka Sechaba (LCD) se hapile likhetho, se li hapile ka bolotsana. 

Hona ho ile hoa qosa babusi ba linaha tsa SADC ho tla Lesotho moo ka molomo oa Thabo Mbeki oa Afrika Boroa ba neng ba roetse hore ho thehoe komisi ea lipatlisiso. 

Ea fela ea thehoa, ‘me ea etelloapele ke moahloli Nkonzo Pius Langa oa Afrika Boroa. Eo tlaleho ea hae e ileng ea tuma ka lereng ke “Sephetho sa Langa.”

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho