Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistorySepolesa se hloleha ho qhala pokano ea polotiki Phaleising 

Sepolesa se hloleha ho qhala pokano ea polotiki Phaleising 

Ka letsatsi lena 5 Phato 1998, letsatsi feela kamora hore phiphitha ea bats’ehetsi ba mekha ea Basotho National Party (BNP), Basutoland Congress Party (BCP) le Marematlou Freedom Party (MFP) ba robale ka shashe ha Motlotlehi Letsie III (Royal Palace), sepolesa se ile sa ba etela. 

Sepolesa se neng se hlometse ka lithinya tsa rabara le moea o fahlang habohloko (tear gas) se ile sa hloha ho phalalisa phiphitha ena. 

Fotong ke kamora hore sepolesa se khutle lekhetlo la bobeli se se se khoaetse sesole, ‘me sa fihla sa thunyetsa lefu ba bang ba bats’ehetsi bana. 

Mona ke Sefikeng phupung ea emong ea ileng a thunyetsoa lefu.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho