Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMonkhane o kena Lesotho

Monkhane o kena Lesotho

Ka letsatsi lena 11 Mphalane 1899, e ne e le ha ho qhoma ntoa ea Maburu le Manyesemane (Anglo-Boer war) 

Ntoa ena ene e nkileng lilemo tse 3, e re tsoaletse hara tse ling:

1. Joala ba Long Tom. 

2. Setlama tlama se bitsoang monkhane kapa lechuchutha (tagetes minuta). 

3. Teronko tsa bats’oaruoa ba ntoa (concentration camps). 

4. Boitseko ba linaha tse kang Lesotho, Botswana le Swatsing. 

1. Joala ba Long Tom bo reheletsoe ka kanono e bitsoang Long Tom. Kanono ena e ne qaloe ho bonoa e sebelisoa ntoeng ke maburu Afrika Boroa ka Anglo-Boer War. 

2. Monkhane o ne o tle Afrika Boroa e le furu ea lipere tsa masole a Manyesemane. Empa oa ikatisa oa tlala naha le ho ts’elela ka Lesotho. 

3. Taba ea literonko tse kotsi tse sotlang batho (concentration camps)  lefats’e le ne le qale ho li bona ka nako ea ntoa ena. Li etsoa ke manyesemane ho maburu. 

4. Kamora ntoa ena, maburu a ikopanya tlasa tumellano ea Vereeniging, eleng lentsoe la seburu le bolelang “kopano”, ba haha Union Building le hore linaha tsa Lesotho, Botswana le Swatsing li hapelloe ebe karolo ea Afrika Boroa. Empa linaha tsena tsa hana. Tsa kenya lenyokonyane la ho batla ho ipusa (independence). 

Sets’oants’ong ke setlama sa monkhane.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho