Ka letsatsi lena, 20 Mphalane 2022, moetapele oa Revolution for Prosperity (RFP), Ntsokoane Samuel Matekane kamora ho hapa mabatooa a mangata ho feta bohle, o ile a phatlalatsa tumellano ea ‘muso o mocha le balekane ba hae bao a tla busa le bona.
RFP e ile ea teanya litheko le Alliance of Democrats (AD) tlasa Ntoi Rapapa le Movement for Economic Change (MEC) tlasa ketapele ea Selibe Mochoboroane.
Ha nako ea hae ea ho busa e fihla, tonakholo ea ka nako eo, Dr. Moeketsi Majoro, a siela Matekane setulo.
Empa selemo feela ba le pusong, ka eona khoeli ena ka selemo sa 2023, hoa ba le teko ea ho liha puso ‘me puso ea ntlafatsoa ka ho khoaela Basotho Action Party (BAP) kahara puso.
Ho fihleletse mona, puso ena ea kopanelo tlasa Tonakholo Matekane ke e busitseng nako e telele ho feta tsohle tse kileng tsa busa ka ho kopanela puso.


