Ka letsatsi lena 23 Mphalane 2015, komisi ea lipatlisiso e neng e rometsoe ke SADC e eteletsoepele ke moahloli oa Botswana, Mphaphi Phumaphi, e ile ea phutha mehasoana ea eona Lesotho, e so qete ts’ebetso ea eona.
Komisi e ne e lla ka eo e neng e le tonakholo ea Lesotho ka nako eo, Pakalitha Mosisili, ka lereng Mosisili le masole a hae (LDF) ha ba na ts’ebelisano mmoho.
Phumaphi le moifo oa hae ba ne ba batlisisa litaba tsa polao ea Lieutenant General Maaparankoe Mahao ea ileng a bolaoa ke sesole sa Lesotho.
Empa ho ea ka Phumaphi, ‘muso oo oa Mosisili o neng o akha Monyane Moleleki ele motlatsi oa Mosisili, le Tlohang Sekhamane eo e neng e le letsoho le letona la Mosisili litabeng tsa machabeng (foreign affairs), o ile oa lulisa Phumaphi lejoe le motsu.


