Ka letsatsi lena 24 Mphalane 1986, lebaleng la Pitso Ground, Maseru, sesole sa Lesotho le ‘muso oa Afrika Boroa ba ile ba tekenela thekisetsano ea metsi a Lesotho le naha ea Afrika Boroa.
Tumellano eaba hore ho etsoe Morero oa Metsi a Lihlaba, eleng morero oo ka selemo sa 1984 o ileng oa phethela boithuto ba mokhoa ts’ebetso (feasibility study).

Ka selemo sa 1988 ha moralo o kenngoa ts’ebetsong ho hlongoa meqala ea samente, ebile omong oa merero ea khaho e metle ka ho fetisisa lefats’eng.
Ka selemo sa 2006, South African Institution of Civil Engineering (SAICE), ba re morero ona oa metsi oa Lesotho o feta eohle e kileng eaba teng lefats’eng.


