Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMorena oa Matsieng o busa Lesotho - o sebelisa lebitso la  Letsie III 

Morena oa Matsieng o busa Lesotho – o sebelisa lebitso la  Letsie III 

Ka letsatsi lena 12 Pulungoana 1990, eo e neng e le morena oa sehlooho oa Matsieng, Khosana Mohato Seeiso, o ile a hloella setulo sa puso Lesotho. 

Eaba lebitso la Motlotlehi Letsie III le qala ho bonoa Lesotho. 

O ile a nka setulo sa puso kamora hore mobusi oa Lesotho oa ka nako eo, Major General Justin Metsing Lekhanya, a tlalehe ha ‘muso o nkile qeto ea ho hlotha Motlotlehi Moshoeshoe II boreneng ka ho feletseng. 

Lekhanya o ne a re lebaka la ho tlisa Motlotlehi Moshoeshoe II boreneng ka ho feletseng ke hobane kamora hore a tlosoe pusong a isoe England, o ile a batla ho “tlela ‘muso ka qeto” a tseka hore a khutlisetsoe Lesotho a tlo busa Lesotho e le thepa ea hae (absolute monarch).

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho