Ka letsatsi lena 25 Pulungoana 1995, monna oa naha ea Zimbabwe o ile a bolaoa ka ho fanyehoa e le taelo ea lekhotla kamora ho fumanoa a le molato oa polao ea mosali oa Mosotho.
Monna enoa ea neng a bitsoa Nkosi, o ne a ile a fenetha ka sehloho eo e neng e le mookameli e moholo oa lefapha la mehala Lesotho (LTC) lapeng ha hae, Arrival Centre, Maseru.
Mofu e ne e le mohats’a sebini se neng se tumme haholo eleng Ts’epo Tshola.
Ke ha Ts’epo Tshola a tla etsa pina e reng “Ho Lokile” e ileng ea ratoa linaheng tsa Botswana, Lesotho le Afrika Boroa.
Kahlolo ea lefu Lesotho e ne e qale ka selemo sa 1884. Ke mosali oa moimana feela eo ho latela molao a kekeng a bolaoa.


