Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomePoliticsMarabele a bohola khoeli

Marabele a bohola khoeli

Ke beke ea bobeli joale maparamente a mokha oa Revolution for Prosperity (RFP), a se a tumetsoe ke lebitso la “marabele”,  a lebeletse likarabo ho tsoa ho tonakholo Ntsokoane Matekane.

Maparamente a mashome a mabeli (20) a ne a ile a fa tonakholo matsatsi a supileng hore a leleke matona a latelang, ao ba reng a bolile:

• Matjato Moteane

• Nthati Moorosi

• Retselisitsoe Matlanyane

• Motlatsi Maqelepo

Ho kenyeletsoa le ho leleka mongoli oa lekala la Matla, Tankiso Phapano.

Menyenyetsi e supa ha ba pela tonakholo ba mo elelitse hore a sekebe a ba araba ka ha bao ha hona seo ba ka se etsang, hape tonakholo o na le chelete e ngata ho bafeta.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho