Ka letsatsi lena, 13 Pherekhong 1875, moruti oa Mofora, Hermann Dieterlen, o ile a fihla Lesotho.
Ke eena ea neng a khothaletse hore lekhetlo la pele Basotho ba koetlisoe ho be le baruti ba kereke ba Basotho.
Ke eena ea neng a thusane le moruti Adolphe Mabille hore ho be le tlotlontsoe (dictionary) ea Sesotho.
E boetse hape ke motho oa pele oa hore ka selemo sa 1885 mono Morija a netefatse mehato ea likholumolumo tsa linonyana. Eaba ke ha lefats’e le tla tseba hore likholumolumo (dinosaurs) li kile tsa phela Lesotho mona ebile linshile bopaki.
Morija, Maphutseng le Moyeni, Quthing ke tse ling tsa libaka tseo ho leng teng mehato ea likholumolumo le masapo a tsona.
Sets’oants’ong banna ba Basotho ba bokanetse bopaki ba likholumolumo Maphutseng ka 1970.
You have 1 free article left this month. Create a free account for 15 articles/month.
Create free account


