Mohahlaula Airlines
Wednesday, July 22, 2026
HomeToday In HistoryMoruti ea netefalitseng bopaki ba likholumolumo o fihla Lesotho

Moruti ea netefalitseng bopaki ba likholumolumo o fihla Lesotho

Ka letsatsi lena, 13 Pherekhong 1875, moruti oa Mofora, Hermann Dieterlen, o ile a fihla Lesotho. 

Ke eena ea neng a khothaletse hore lekhetlo la pele Basotho ba koetlisoe ho be le baruti ba kereke ba Basotho. 

Ke eena ea neng a thusane le moruti Adolphe Mabille hore ho be le tlotlontsoe (dictionary) ea Sesotho. 

E boetse hape ke motho oa pele oa hore ka selemo sa 1885 mono Morija a netefatse mehato ea likholumolumo tsa linonyana. Eaba ke ha lefats’e le tla tseba hore likholumolumo (dinosaurs) li kile tsa phela Lesotho mona ebile linshile bopaki. 

Morija, Maphutseng le Moyeni, Quthing ke tse ling tsa libaka tseo ho leng teng mehato ea likholumolumo le masapo a tsona. 

Sets’oants’ong banna ba Basotho ba bokanetse bopaki ba likholumolumo Maphutseng ka 1970.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

Independent business & current affairs journalism · Lesotho Subscribe — M85/month
| Independent business & current affairs journalism · Lesotho