Letsatsi lena 24 Hlakola 1833 baruti ba pele Lesotho, ba ne ba fihle Afrika mona ka lona, mane sebakeng sa Kapa (Cape Town).
Ba ne ba tlohe mose ho maoatle ka la 11 Pulungoana 1832, ba tsamaea likhoeli tse 3 leoatleng. Likhoeli kamora ho ba Afrika Boroa, ba fihla Lesotho ka Phupjane 1833.
E ne e le moruti Eugene Casalis ea neng a le lilemo li 21, moruti Thomas Arbousset ea neng a le lilemo li 23, ‘moho le Constant Gosselin eo e neng e se moruti. O ne a na le lilemo li 33.
Ho fihleng hoa bona ba ile ba abeloa sebaka sa Makhoarane. Bona ba se reha Moria kapa Moriea (mongolo oa ka nako eo o re “Morija”)
Ba ile ba sebetsa ka thata ho fana ka thuto, ho bula likolo, ho tlisa liphoofolo tse kang likatse, lifariki, matata, makhants’i le lifate tsa liperekisi hara tse ling, ekasitana le ho fana ka tsoekere eleng seo Basotho ba neng ba se thabela ho feta lintho tsohle kaofela.
Bokreste
Leha ba ne hle ba qala ts’ebetso hang ha ba fihla, empa Mosotho oa pele oa ho inehela, eleng ntate Sekhesa, o ne a itlhahise ka la 9 Pherekhong 1836 – lilemo tse tharo kaofela esale baruti ba kokota lipelong tsa Basotho ho se Mosotho ea inehelang. Sekhesa eaba molumeli ea matla ho fihleletse a timela ka selemo sa 1888.
Mosotho oa bo 12 oa ho ba mokreste e ne be Sakia Mokhanoi ka selemo sa 1841. Le eena a ba matla haholo, ka ha ebile Thaba Bosiu mono mosali o kile a mo fosa ka lerumo e le ha a re o bolella mosali eo ka lentsoe la Molimo.
Litloholo-tloholong tsa Mokhanoi re ka qolla; Thabo Mbeki e ileng eaba president ea bobeli ea motho e mots’o naheng ea Afrika Boroa.
*Sets’oants’ong ke kereke ea Fora e Maphutseng, Mohalesuku. Kereke ena e ne e ahoe ke ntate Constant Gosselin ka selemo sa 1860. E ntse e le teng le kajeno. Ntate Gosselin ke eena feela ea neng a shoelle Lesotho. O ne a pateloe hona Maphutseng moo ka selemo sa 1872, lilemo tse peli kamora lefu la morena Moshoeshoe I.


