Ho hlomamisoa Tonakholo ea pele ea ho behoa kamora boipuso. Ka letsatsi lena 2 ‘Mesa 1993, moetapele oa Lekhotla la Mahatammoho (BCP), Ntsu Mokhehle, ea neng a le lilemo li 75, o ile a hlomamisoa e le tonakholo ea boraro ea Lesotho ebile e le ea pele ea ho hlomamisoa kamora boipuso ba 1966.
“Ntsu Mokhehle o ile a hlomamisoa e le tonakholo ea boraro ea Lesotho ebile e le ea pele ea ho hlomamisoa kamora boipuso.”
BCP eo a neng a e eteletsepele, e ne e sa tsoa hapa likhetho tsa la 27 Tlhakubele 1993, ka ho hahara mabatooa kaofela a neng a le 65 ka nako eo le hoja BCP e ne e qeta ho qhetsooa moo karolo ea litho tsa Komiti e Kholo ea BCP e ileng ea ngala ea theha mokha oa Kopanang Basotho pele ho likhetho.
BCP e ile ea fumana palo hare ea 74.78%, ea lateloa ke Mokha oa Sechaba sa Basotho (BNP) ka 22.65%, eaba borarong e ba Marematlou (MFP) ka palo hare ea 1.43%. Mabatooeng ana a 65 a BCP, a 62 ho ne ho eme banna. Ke a 3 feela moo ho neng ho eme basali.
Ho bakhethoa bana ba 65 ba BCP, ba 32 e ne e le lihoai, ba 11 e le borakhoebo, ba 8 e le matichere. Empa ba ile ba hloleha ho ntlafatsa temo kapa hona ho etsa melao e ka ntlafatsang temo kahara naha.
Ka la 8 ‘Mesa 1993, lekhotla la matona le ile la nkisoa kano. Cabinet e ne e le bontate feela ntle le Dr Khauhelo Deborah Raditapole ea ileng a etsa nalane ea ho ba mosali oa bobeli Lesotho ho etsoa letona, kamora ‘m’e ‘Matlelima Anna Hlalele, e leng mosali oa pele oa ho etsoa letona ka nako ea puso ea sesole ea Major General Justin Metsing Lekhanya. Bobeli Dr Khauhelo Raditapole le ‘Matlelima Hlalele ba hlaha teropong ea Teyateyaneng, Berea.


