Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMasole a ts’oara matona a Lesotho

Masole a ts’oara matona a Lesotho

Ka letsatsi lena 14 ‘Mesa 1994, matona Pakalitha Mosisili, Monyane Moleleki, Kelebone Maope le Shakhane Mokhehle ba ile ba ts’oaroa ba koalla liahelong tsa sesole Ha Ratjomose, athe motlatsi oa tonakholo Selometsi Baholo, eena a bolaoa.

Hona hoa etsa hore tonakholo ea ka nako eo, Ntsu Mokhehle a ngolle naha ea Afrika Boroa a kope sesole. Empa naha ea Afrika Boroa ea hana.

Selemo se hlahlamang, 1995, Pakalitha Mosisili a kena lieteng tsa Selometsi Baholo, a khethoa e le eena motlatsi oa tonakholo.

Lilemo tse 4 kamora mona, eleng ka selemo sa 1998, Pakalitha Mosisili a khethoa e le tonakholo a kena lieteng tsa Tonakholo Ntsu Mokhehle ea ileng a re eena o’a kula.

Fotong matona a ts’ireletso a lumelisana. Bona ke: Tonakholo Pakalitha Mosisili nakong eo e neng e le tonakholo le letona la ts’ireletso, o lumelisana le Johannnes “Joe” Modise eo e neng e le letona la ts’ireletso la naha ea Afrika Boroa. Ba eme monyako oa moo kajeno ho seng ho bitsoa State House sa khale.

Foto ena e nkuoe ka la 12 Loetse 1998, eleng matsatsi a mararo pele Lieutenant General Makhula Augustinius Mosakeng, Brigade Commander Brigadier General Khololikane Phillip Sebajoe, Brigadier General Rachobokoane Anthony Thibeli, Provost Marshal Colonel Thabo Lefa, le head of LDF logistics Colonel Lekate Lesitsi ba tla baleha Lesotho. Ba khutle ka la 22 Loetse 1998 ba se ba pepile masole a Afrika Boroa ka lereng ke “masole a SADC” mohla Maseru e tla cha.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho