Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMoparamente ea reng o tseka naha o koalloa teronkong

Moparamente ea reng o tseka naha o koalloa teronkong

Ka letsatsi lena, moetapele oa mokha oa Basotho Covenant Movement (BCM) ebile e le mohlomphehi Moparamente oa naha, Dr Ts’epo Lipholo, o ile a lleloa ke lits’epe. ‘Muso o ile oa mo qosa ka lereng o hoeba ka batho (human trafficking) ho tella ‘Muso le ho hlapaola lelapa la Borena Bo Boholo. Lipholo o ne a sa ome mathe ka lereng naha ea Afrika Boroa e nkile boholo ba naha ea Lesotho ka “bolotsana”. Ha a se a le kamora mamati a chankana, Lipholo o ile a boela a pitloa ka qoso engoe hape. A qosoa ka nyeoe ea bohlabaphieo (high treason) ka lereng o na le mmomori oa ho hlasela naha ea Afrika Boroa a re o tseka naha a sebelisa likhukhuni tseo a ntseng a li koetlisa. Lipholo o ne a qete likhoeli tse 5 a ntse a ja linaoa chankaneng. O ne a lokolloe ke moahloli ‘Maliepollo Makhetha ka shoalane e kholo ka khoeli ea Keresemese a re a ee hae feela a behe paneng thepa ea boleng ba M100 000.00.
RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho