Mohahlaula Airlines
Friday, July 3, 2026
HomeToday In HistoryMarena a tlasa Moshoeshoe a hlaseloa 

Marena a tlasa Moshoeshoe a hlaseloa 

Ka letsatsi lena 18 Phato 1850, marena a mabeli a tlasa morena Moshoeshoe eleng morena Moroka morena oa Barolong le morena Moletsane morena oa Bataung ba ile ba hlaseloa. 

Morena Moletsane eena o ne a hlaseloe a le Mekoatleng pela mona moo eseng e le Clocolan kajeno, ke Bakhothu, Maseteli, Batlokoa le Barolong ‘moho le molaoli oa sesole sa Manyesemane Major Henry Douglas Warden. Warden o tla hopoloa ka ho etsa moeli oa Lesotho le Maburu ka 1849 moo a neng a sehelle Ficksburg, Fouriesburg, Ladybrand, Wepener le Zastron e le naha ea Lesotho. 

Warden le sekhakhatha seo sa hae ha ba hlasela morena Moletsane ba ne ba bile ba khanna likanono tse peli. Ho ne ho shoe batho ba 20. Ba hapa le likhomo tse 3 509 le linku tse ngata. Ho ne bile ho na le Bakhothu ba tsoang Vaal River ba neng ba chaketse morena Moletsane. Ba fihlile ka la maobane. Ba ne ba utsoetsoe likoloi (wagons) tse 10. 

Hona ka letsatsi le ts’oanang, Bataung ba Ramokhele e leng bao eleng setsoala Mpai kapa ‘Mamoretlo, mosali oa matsoathaka oa morena Moletsane, bona ba hlasela morena Moroka morena oa Barolong ha hae Thaba Nchu. Ba mo nkela likhomo tse 4 500. 

Morena Moroka o ne a fihle Thaba Nchu ka Ts’itsoe 1833 a hlaha Lekoa a baleha bohale ba morena Mzilikazi Khumalo eo Basotho ba neng ba re ke Moselakatsi. Morena Mzilikazi ke eena mothehi oa sechaba sa Matebele. Pelaelo ke hore  Matebele ke lentsoe la Sesotho la “ba tebetsoeng” ka ha Moselekatsi a ne a lelekoe ke morena Chaka kamora hore a mo rome ho ea  hlasela emong Ntsane morena oa Basotho eaba morena Moselekatsi o se a hana ka QAQAPA (litjepa tse haptjoeng ho ba lireng). Eaba e se e ba sa ntja le phiri lipakeng tsa bona. 

Lilemong tsa 1839/40 ha morena Moselekatsi a tla balehela Zimbabwe o ne a phalalisoe ke maburu ka thuso ea morena Moroka a tlatsitsoe ke marena Tawana, Gontse le Matlaba bao kaofela ba neng ba ikarabella Thaba Bosiu ho morena Moshoeshoe.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho