Mohahlaula Airlines
Thursday, July 2, 2026
HomeToday In HistoryMotlotlehi o etsa Mamello Morrison letona 

Motlotlehi o etsa Mamello Morrison letona 

Ka letsatsi lena 19 Phato 1994, matsatsana kamora ho ketola puso e neng e eteletsoepele Ke Sejabanana Ntsu Mokhehle oa mokha oa Lekhotla la Mahatammoho (BCP), Motlotlehi Letsie III o ile a phatlalatsa bao a tla tsamaisa puso le bona. 

Motlotlehi Letsie III o ile a phatlalatsa lekhotla la matona la batho ba ts’eletseng. ‘Me eaba lekhetlo la pele nalaneng ea Lesotho, letona la likhokahanyo e ba mosali. Eena eaba Mamello Morrison ea neng a le feela lilemo li 35. 

Ka kakaretso matona a ne a eme joana;

Haae Phoofolo (Molula-setulo); Retselisitsoe Sekhonyana (Litaba tsa Kantle ho Naha);

Mamello Morrison (Likhokahano); Khauta Khasu (Temo); ‘Mathabiso Mosala (Bosebetsj le Khiro); Moletsane Monyake (Lichelete).

Banna le basali bana e ile eaba matona nako ea khoeli e le ngoe feela ba nto e hlaba ka monkhoane ba ea hae.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho