Mohahlaula Airlines
Friday, July 3, 2026
HomeToday In HistoryMosisili o hlanohela ts’episo le pele matsatsi a mararo a feta 

Mosisili o hlanohela ts’episo le pele matsatsi a mararo a feta 

Ka letsatsi lena 21 Phato 1998, eo e neng e le tonakholo ea Lesotho, Pakalitha Mosisili, o ile a etsa ts’episo ea hore ha lipatlisiso ka likhetho tsa 1998, li ka fumana manyofonyofo (irregularities), o tla re Motlotlehi a nke puso eena a ikele hae. 

Empa matsatsi a mararo kamora phatlalatso eo, eleng la 24 Phato 1998, Tonakholo Mosisili, a betsa khoba a re eena o tla tlosoa pusong ke ha feela a ka bona moo ho ngotsoeng boqhekanyetsi (fraud).

Matsatsi a mabeli kamora moo, eleng la 26 Phato 1998, moahloli Nkonzo Pius Langa a nts’a tlaleho ea mathomo mabapi le liphuputso tsa bobolu le manyofonyofo. Langa a re manyofonyofo a likhetho tseo, tse neng li eteletsoepele ke Sekara Mafisa, Morie Khaebana le Letjea Qhobela, a thiba letsatsi. 

Tonakholo Mosisili a re eena o hanana le tlaleho eo ea moahloli Langa ea neng a qale mosebetsi ka la 14  Phato 1998. Eaba eo e neng e le motlatsi oa president ea Afrika Boroa, Thabo Mbeki, o re o “lumellana” le Mosisili, tlaleho e ke e “ts’oaroe hanyane”. 

Eaba bao ba bipa tlaleho ho fihleletse khoeling e hlahlamang ea Loetse e le ka la 17 Loetse 1998, ha moahloli Langa a boela a nts’a tlaleho e ngoe. Joale a e bitsa ea moshoelella. Hara tse ling, Langa a re ho ts’oaroe likhetho tse ling tse ncha, ka nako ea likhoeli tse 18. A fana ka keletso ea hore ho thehoe Interim Political Authority (IPA), ho tataisa hore ho ts’oaroe likhetho tse ncha ka potlako. 

Langa a boela a etsa khothaletso ea hore Sekara Mafisa le bao a neng a tsamaisa likhetho le bona ba lelekoe.

RELATED ARTICLES
- Advertisment -
Google search engine

Most Popular

Recent Comments

| Independent business & current affairs journalism · Lesotho