Ka letsatsi lena 22 Phato 1891, Dr Eugene Casalis, mora oa moruti Eugene Casalis oa ho tlisa Bibele Lesotho, o ile a hlokahalla Morija moo a neng a phekolela Basotho teng a le lilemo li 54.
Dr Eugene Casalis o ne a hlahele Thaba Bosiu ka Phato 1837, moo e neng e be lesea la pele la lekhooa la moshanyana la ho hlahela Lesotho.
Ka selemo sa 1854, a le lilemo li 17, a furalla Lesotho ha ntatae moruti Eugene Casalis a paka sohle sa hae a khutlela mose ho maoatle. Ke ka nako eo moruti Dr Prosper Lautre a neng a tle Lesotho. Eaba ngaka ea pele ea lits’epe Lesotho (first medical doctor).
Dr Eugene Casalis o ne a khutlele Lesotho ka selemo sa 1862 a le lilemo li 25 e se e le ngaka. Ho fihleng hoa hae koano kereke ea mo etsa moruti a isoa Mafeteng ho ea okamela baruti ba moo. Ke mohla baruti ba Fora ba tla loana ntoa ea libono. Ba tseka hore Dr Eugene Casalis a tlosoe boruting ka lereng ke ngaka ha a etsa boruti sekolong. Kereke ea nto mo isa Morija. Letolo la kena a ntse a ruta ka kerekeng la bolaea morali oa hae.
Kamora mona a bula ntlo ea kokelo (dispensary). Kajeno moo a neng a sebeletsa teng, ke Scott Hospital Morija.
Ba fotong ke eena le lelapa la hae. Ba ka morao ho tloha ka letsohong le lets’ehali ke;
Marie-Sophie eleng mosali oa hae oa bobeli, eo e neng e le morali oa moruti oa bobeli oa Berea, moruti Daniel Keck, e be eena Dr Eugene Casalis, e be morali Fanny.
Ba ka pele ho tloha ka letsohong le lets’ehali ke bara;
Théodore, René le Alfred Casalis eo eena a ileng a ngola libuka tse akhang tsa Sesotho ekasitana le ho ngola dictionary ea Sesotho.


