Ka letsatsi lena 23 Phato 1962, Motlotlehi Moshoeshoe II e ile eaba morena oa pele ea inyallang mosali a le mong ka lechato, Lesotho.
O ne a chata motsoala oa hae eleng ‘Masentle Tabitha Mojela Lerotholi. Morali oa morena Thabo Mojela Lerotholi oa Tebang, Mafeteng. ‘Me lechato le ne le ts’oaretsoe kerekeng ea Mofumahali Oa Tlholo kahara khubu ea teropo ea Maseru.
Likhoeli tse 11 kamora mona, mofumahali ‘Masentle ea neng a se a bitsoa Motlotlehi ‘Masentle Tabitha Bereng Seeiso, a fetola mabitso a bitsoa Motlotlehi ‘Mamohato Tabitha Bereng Seeiso, kamora hore a belehe mora eleng Mohato Bereng Seeiso, eo kajeno, a seng a bitsoa Motlotlehi Letsie III.
Motlotlehi Moshoeshoe II o ne a se a etsa nalane lekhetlo la bobeli joale; ka la 12 Tlhakubele 1960, e ile eaba motho oa pele oa ho ba morena e moholo oa Lesotho, a so nyale. Ketsahalo e ne e ts’oaretsoe mona moo kajeno eseng e le motse oa Moshoeshoe II. Oo sethathong e neng e le matlo a batho ba hirang batho ba eang merafong (NRC). Le kajeno tikoloho ea matlo a tlasa mono lifofaneng e bitsoa NRC.
Ka tlhaho, Motlotlehi Moshoeshoe II, o ne a hlahetse motseng oa Salang, seterekeng sa Mokhotlong ka selemo sa 1938, eleng “habo ‘m’ae”, moo ntatae Simon Seeiso e neng e le morena oa sehlooho oa Mokhotlong. A fihla a nka sebaka sa morena Rafolatsane Letsie eo makhooa ha a sitoa hore Rafolatsane, a neng a re “Sani”. Le khoro ea Ha Rafolatsane e ntse e bitsoa Sani Pass le kajeno.
“Habo ‘m’ae” hobane ‘m’e oa hae, Sekhothali Sekonyela, eleng mosali oa bobeli oa morena Simon Seeiso, ea ileng a rehoa ‘Mabereng ka 1938, o ne a hlaha Mokhotlong.
Fotong; Motlotlehi Moshoeshoe II, Motlotlehi Letsie III le Motlotlehi ‘Mamohato Seeiso.


