Ka letsatsi lena, 20 Ts’itoe 1852, mabotho a neng a ts’ajoa haholo lefats’eng a Manyesemane (British forces) a ile a shasharoa hampe ntoeng ea lithunya ke mabotho a Basotho ntoeng ea ileng ea tuma ka lebitso la Berea.
Mabotho a Britain a ne a laoloa ke Major General Sir George Cathcart ea neng a ba a felloa ke mosebetsi hang kamora ntoa. Athe a Basotho a ne a laoloa ke Motlotlehi Moshoeshoe oa Pele.
Lena e ne e le lekhetlo la bobeli Basotho ba shapa Britain. Ntoeng ea pee kea 1851 sebakeng sa Kolojane, eo eseng e le karolo ea Freistata kajeno.


