Ka letsatsi lena 25 Phato 1865, morena Moshoeshoe o ile a ngolla naha ea Britain a e kopa hore e mpe e itholle ka naha ea Lesotho.
Lengolo lena le neng le ngoletsoe ‘musisi Sir George Grey, le ne le isoe ke George Tlali, mora oa morena Moshoeshoe a tsoa ka la Mohale’s Hoek a ea ts’ela Herschel. A fihla a le fa Sir George Grey, ‘Maletsoai (Aliwal North).
Sir George Grey ea neng a kene lieteng tsa Sir George Cathcart ka selemo sa 1863, o ile a hana kopo eo ea morena Moshoeshoe, a re ka lebaka la Ntoa ea Seqiti lipakeng tsa Basotho le Maburu, bona e le Manyesemane ba leqe ho kena lipakeng.


