Ka letsatsi lena 30 Pherekhong 1999, ea kileng a busa Lesotho nako ea lilemo tse peli, Major General Elias Phisoana Ramaema o ile a ts’oaroa ka pelaelo ea bosholu le polao ea motho.
Major General Ramaema o ne a ts’oaroe ke sepolesa sa Lesotho a ena le morali oa hae, mora hae ‘moho le batho ba bang ba bahlano bao ba babeli ba bona e neng ele Maafrika Boroa. Ba ile ba ts’oaroa ka pelaello ea hore ba nkha lefotha lefung la seahi sa marokho sa naha ea Ireland se neng se bolaeloe Maseru ka la 21 Pherekhong 1999.
Ho ile hoa fumanoa sepache sa mofu, mohala oa thekeng ‘ekasitana le koloi ea mofu ha Major General Ramaema le ho batho bao a ileng a ts’oaroa le bona.
Major General Ramaema (ea fotong) eena le morali ba ile ba lokolloa lebitsong la tlhokahalo ea bopaki empa haele mora eena a hloka lehlohonolo. A theohela ka banneng. Moo a ileng a hoehla lilemo.
Seahi sena sa marokho a maoto eleng Ken Hickey ea neng a le lilemo li 75 o ne a qale ho aha marokho Lesotho ka selemo sa 1992, eleng selemo kamora hore Major General Ramaema a ikhapele puso ka chofa ka selemo sa 1991 ho Major General Justin Metsing Lekhanya ea neng a koatotse puso ka matla a sethunya ka 1986 ho Tonakholo Leabua Jonathan ea neng a ikhapetse puso ka selemo sa 1970.
Major General Ramaema o ne a hlokahale ka selemo sa 2015 a le lilemo li 82.


