Ka letsatsi lena 18 Phupu 1980, Khamphani ea motlakase ea Lesotho, Lesotho Electricity Company (LEC) eo ka nako eo e neng e bitsoa Lesotho Electricity Corporation, e ile ea laeloa ke lekhotla le phahameng ho hokela motlakase hape ntlong ea mosebeletsi oa eona oa mehleng eo LEC e neng e ile ea mo khaolela motlakase e mo tsekisa ho reka koloi ka sekoloto.
Monna enoa o ne a rekile koloi ka mokoloto a sebelisa melemo ea mosebeletsi oa LEC, empa a furalla LEC a so qete ho lefa mokoloto oa koloi.
Ka boiphetetso, LEC e ile ea khaola motlakase ntlong ea hae, ea tšosa ka hore e tla mo fa motlakase feela ha a se a lefile mokoloto oa koloi.
Monna eo o ile a hlahlela nyeoe lekhotleng mme a khetha Ts’eliso Monaphathi hore e be ‘muelli oa hae. Monaphathi hamorao o ile a sebetsa e le moahloli oa lekhotla le phahameng lilemong tsa hae tsa morao.


