Ka letsatsi lena 27 Loetse 1890, Arthur Cecil Stuart Barkly, eleng ‘maseterata oa kampo ea Mafeteng, eo Basotho ba neng ba ‘mitsa “Tau” kapa “Ramabanta” o ile a shoa a le lilemo li 47.
Barkly o kile a bona bohale ba Basotho ka mahlo, nakong ea Ntoa ea Lithunya; mohla Basotho tlasa bolaoli ba morena Lerotholi ba tla mo koalla nako ea matsatsi a 36 kaofela.
E ne e re ha Ntoa ea Lithunya e qala Qalabane, Mafeteng ka la 13 Loetse 1880, Barkly eo ka lebaka la ho rata ho kharuma, Basotho ba neng ba mo rehile “Tau”, a nka mapolesa a 20 a Basotho a re o lo tlatseletsa masole a 202 a Kolone Kapa a neng a qeta ho ts’elela ka Lesotho ho tla loants’a Basotho tlasa bolaoli ba masole a England eleng Brigadier General Charles Clarke le Lieutenant Colonel Frederick Carrington.
Empa morena Lerotholi eo ka nako eo e neng e le morena oa sehlooho oa Likhoele, mona e ne e le pele a ka ea Matsieng ho ea nka borena ba Lesotho, a futuhela Barkly ea neng a tloaetse ho itlama ka mabanta a sesole hoo Basotho ba bileng ba mo reha “Ramabanta”.
Mabotho a morena Lerotholi a etsetsa Barkly sakana la nkope. Ka lehlohonolo, mosali oa Barkly le bana ba hae ba babeli ba khona ho phonyoha, ngoana hae oa bobeli, Gilbert, o ne a bile a le khoeli li ‘ne, ka ha a ne a hlahile ka la 20 Phupjane 1880. Barkly o ne a lopolloe ka la 19 Mphalane 1880.
Likhoeli tse 3 kamora hore Ntoa ea Lithunya e fele Basotho ba hlole ntoa, Barkly a kula hampe mpe a ba a isoa habo England.
Barkly o ne a shoe ka lona letsatsi lena ka selemo sa 1890, a shoella sebakeng sa Stapleford Park, Pontefract, England. Ha a shoa o ne a etetse soare sa hae. Ba bang ba re o ne a bolaoe ke pelo. Ba bang ba re o na bolaoe ke lefu la tsoekere.
Lits’oants’o ke tsa Barkly le mohatsa hae, ba neng ba batle ba bona mahlo a seboko Mafeteng.



